2 Dikronike 34:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE3 Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.
Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.