Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:25
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


Ka selemo sa bohlano sa ho busa ha Roboame, Shishake, morena wa Egepeta, a futuhela Jerusalema, kahobane Bajuda ba ne ba sitetswe Jehova;


Eitse ha Jehova a bona hobane ba ikokobeditse, lentswe la Jehova la tlela Shemaia, la re: Ba ikokobeditse, nke ke ka ba timetsa; ke se ke tla etsa hore ba phonyohe, mme kgalefo ya ka ha e ka ke ya tshollelwa hodima Jerusalema ka Shishake;


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


Haele morena wa Juda, ya le romileng ho botsa Jehova, ereng ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, hodima dipolelo tseo o di utlwileng:


Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


Mme ho tla thwe: Ke hobane ba hlile ba lebetse selekane sa Jehova, Modimo wa bona, ba kgumametse medimo esele, ba e sebeleditse.


Le ke le bollele Jehova, le tlose ho se bolle ha dipelo tsa lona, lona batho ba Juda le ba ahileng Jerusalema, esere kgalefo ya ka ya tswa jwaloka mollo, ya tjhesa e sa tingwe, ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


O robile lenaka kaofela la Iseraele ka kgalefo e tjhesang ya hae, o honyeditse letsoho la hae le letona pela dira, mme o tukile hara Jakobo jwaloka kgabo ya mollo e timeletsang ka nqa tsohle.


O futse ka seqha sa hae jwaloka sera, a ema a otlolotse letsoho le letona jwaloka mohlabani, a bolaya tsohle tse lakatsehang ha di bonwa; tenteng ya moradi wa Sione, o tsholotse kgalefo ya hae jwaloka mollo.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


mme nama yohle e tla bona hoba ke nna Jehova ke hoteditseng mollo oo; ha o ka ke wa tima.


Mme ke ne ke ba tshollele kgalefo ya ka ka baka la madi ao ba neng ba a tsholotse lefatsheng, le ka baka la hobane ba ne ba le silafaditse ka ditshwantsho tsa bona.


Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ