Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:24
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bonang, ke ya hlahisetsa Jerusalema le Juda kotsi, eo bohle ba e utlwang, ditsebe tsa bona di tla re tsi.


Yaba o re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ereng ho monna ya le rometseng ho nna:


Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.


Yaba Mikea o ba tsebisa mantswe wohle ao a utlwileng Baruke a a bala lengolong, ditsebeng tsa setjhaba.


Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?


hobane ba tla hloka bohobe le metsi. Ba tla dula ba se na ho tshediseha, ba be ba fele bokgopong ba bona.


Empa ekare ha le sa nkutlwe, le sa phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona,


Haele ba tlang ho pholoha ho lona, ba tla monyella naheng ya bao e leng dira ho lona ka baka la makgopo a bona; ba tla monyela le ka baka la makgopo a bontata bona.


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ