Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 a re: Eyang, le mpotsetse Jehova bakeng sa ka le bakeng sa masala a Iseraele le Juda, hodima dipolelo tsa buka e fumanweng; hobane kgalefo ya Jehova e tsholletsweng rona e kgolo, ka baka la hobane bontata rona ba sa ka ba boloka lentswe la Jehova, ho etsa ka tsohle tse ngodilweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:21
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,


Yaba Hilkia le ba romilweng ke morena ba ya ho Hulda, moporofeta wa mosadi, mosadi wa Shallume, mora Thokehathe, mora Hasra, molebedi wa diaparo, ya ahileng Jerusalema, karolong e nngwe ya motse, mme ba mmolella tseo.


Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo.


O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.


ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,


Empa bonang, ekare ha a tswetse mora ya boneng dibe tsohle tseo ntatae a di entseng, mme leha a di bone, a mpa a sa di etse;


Mme ke ne ke ba tshollele kgalefo ya ka ka baka la madi ao ba neng ba a tsholotse lefatsheng, le ka baka la hobane ba ne ba le silafaditse ka ditshwantsho tsa bona.


Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.


hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.


Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ