Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a tsamaya ka mehlala ya Davida ntatae, mme ha a ka a e kgeloha ho ya leha e le ka ho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 A kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka haraswanya mmuso tlung ya Davida, ka o nea wona; leha ho le jwalo ha o a ka wa etsa jwaloka mohlanka wa ka Davida, ya bolokileng melao ya ka, ya ntatetseng ka pelo ya hae yohle, ho etsa tse lokileng feela mahlong a ka;


Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.


Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;


a mpa a batla Modimo wa bontatae, mme a tsamaya ka ditaelo tsa wona, a se ke a ya ka mokgwa wa Baiseraele.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Davida ntatae kateng.


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o mpe o tshabise leoto la hao bobe.


O etse se bolelwang ke molao oo ba tla o ruta ka wona, le ka kahlolo eo ba tla o bolella yona; o se fapohe taba tseo ba tla o bolella tsona ka ho ya ka letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Pelo ya hae e tle e se ke ya ikgohomosetsa banababo, mme a se ke a kgeloha molao ona ho ya ka letsohong le letona, kapa ho le letshehadi, a tle a ngatafatse matsatsi a hae a puso ya hae, e le yena le bana ba hae, hara setjhaba sa Iseraele.


Hape, ke ha o ke ke wa fapoha taba leha e le nngwe ya tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, leha e le ho ya letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi, ho latela medimo esele, le ho e sebeletsa.


Itiiseng ke hona, le etse jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le laetse. Le se ke la fapohela letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


Tiyang matla haholo ke hona ho boloka le ho etsa tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao wa Moshe, hore le tle le se ke la di kgeloha ka ho ya ho le letona, leha e le ho le letshehadi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ