Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse ha ho ntse ho ntshwa ditjhelete tse tlisitsweng tlung ya Jehova, Hilkia, moprista, a fumana buka ya molao wa Jehova o neilweng ka Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ha ba ntsha tjhelete e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, moprista Hilekiya a fumana Buka ya Molao wa Morena, e neng e ngotswe ke Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Eitse hobane borena ba Roboame bo tiiswe, le yena ha a iphile matla, a furalla molao wa Jehova, le Baiseraele bohle ba etsa jwalo le bona.


Yaba o laela setjhaba, e leng baahi ba Jerusalema, hore ba ntshe kabelo ya baprista le ya Balevi, hore ba bolokisise molao wa Jehova.


Hilkia a bua, a re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka.


Ba fihla ho Hilkia, moprista e moholo, ba newa ditjhelete tse neng di tlisitswe tlung ya Modimo, tseo Balevi, balebedi ba monyako, ba neng ba di amohetse ho Manasse le Efraime, le ho Baiseraele bohle ba bang, le ho Bajuda bohle le ho Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.


Haele ditaba tse ding tsa hae, le diketso tsa hae tsa borapedi tsa ho ya ka tse ngodilweng molaong wa Jehova,


Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.


empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu.


Hobane ke setjhaba se ikgantshang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utlwa molao wa Jehova;


Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.


Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.


le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.


Ke tseo ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Jehova a e beileng pakeng tsa hae le bana ba Iseraele, thabeng ya Sinai, ka Moshe.


Aarone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Jehova a neng a di laetse ka Moshe.


Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.


Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ