Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 ba ne ba hlokomela ba thothang thepa, ba okametse le ba etsang mesebetsi yohle. Balevi ba bang e ne e le bangodi, le baboloki ba dibuka, le balebedi ba menyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


ba ena le banababo bona ba hlopha sa bobedi, Sakaria, Bene, Jaasiele, Shemiramothe, Jehiele, Unni, Eliabe, Benaia, Maaseia, Matthithia, le Elifele, le Mikneia, le Obed-Edomo, le Jeiele, balebedi ba menyako.


hape, a bea Obed-Edomo le banababo, e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e robileng meno e le mmedi, ke re, Obed-Edomo mora Jeduthune, le Hosa, e tle e be balebedi ba menyako.


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona;


Bonang, Amaria, moprista e moholo, e tla ba yena hlooho ya lona tabeng tsohle tsa Jehova; Sebadia, mora Ishmaele, hlooho ya ntlo ya Juda, yena e tla ba hlooho ya lona ditabeng tsohle tsa morena; hape Balevi e tla ba bahlahlobi pela lona. Ipheng matla, le etse, mme Jehova a be le motho ya etsang hantle.


Bona, bahlanka ba hao ba remang difate, ke tla ba nea dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa koro, le dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa harese, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa veine, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa ole.


A kgetha ba dikete tse mashome a supileng hara bona e be ba jarang diphahlo, ba dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi e be ba betlang majwe thabeng, ba dikete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng e be balebedi ba sebedisang setjhaba seo.


Haele dihlooho tsa bahlahlobi ba Salomone, e ne e le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba beilweng babusi ba setjhaba.


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Bajuda ba re: Matla a bajari a fokotse, athe marole a mangata; re fela re tla sitwa ho phetha lerako!


Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.


Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ