Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Josiase o ne a le dilemo tse robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.


Ebile ba busetsa ditaba ho morena. Morena a romela, a bokella baholo bohle ba Juda le Jerusalema.


Joase o ne a le dilemo tse supileng ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


Yaba setjhaba kaofela sa Juda se nka Osiase, ya neng a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.


Manasse o ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano Jerusalema.


Empa setjhaba sa naha sa bolaya ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa naha sa bea Josiase, mora hae, e be morena tulong tsa hae.


Mohlankana ya fumanehileng, ha a hlalefile, o feta morena wa leqheku, ya lewatla, ya seng a se na ho eletswa.


eo lentswe la Jehova le kileng la tla ho yena mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.


Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda.


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a hola, a ntse a kgahlisa Jehova le batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ