Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 nke ke ka hlola ke tlosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka boloka le ho etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ka molao wohle, le dikomelo, le ditaelo tse beilweng ke Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Haeba Baiseraele ba hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka molao wohle, le ditaelo tsohle, le melawana yohle, tseo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng tsona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke lokiseditse le setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo; ke se hlomile, se tle se dule ha habo sona, se se ke sa hlola se ferekana le bakgopo ba se ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka hapele,


Ke lokiseditse setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo, mme ke se hlomile, se bile se se se dutse ha habo sona; ha se ka ke sa hlola se ferekana, le bakgopo ha ba sa tla hlola ba se fedisa, jwaloka pele,


Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.


ke tla le ahisa nqalong ena, lefatsheng leo ke le neileng bontata lona, ho isa ka ho sa feleng.


le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.


Aarone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Jehova a neng a di laetse ka Moshe.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o be le lehlohonolo, wena le bana ba hao kamora hao, mme o tle o atise ditshiu tsa hao ka ho sa feleng lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.


Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.


Iponeleng, le boloke ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, le tle le phele, le ate, mme le kene lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata lona hore o tla ba nea lona, le le rue.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ