Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hape, a emisa setshwantsho se betlilweng, setshwantsho se entsweng ke yena, ka tlung ya Modimo, eo Modimo o neng o e boleletse Davida le Salomone, mora hae, ka ho re: Ke tla bea lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena, le motseng wa Jerusalema oo ke o kgethileng melokong yohle ya Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.


Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.


Enore setjhaba sa hao, ha se futuhela dira tsa sona, se ya ka tsela efe le efe eo o tla se roma ka yona, mme se rapela Jehova, se tadimile nqa motseng ona oo o o kgethileng, le ka nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;


ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;


Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Yaba o ntsha medimo ya ditjhaba tlung ya Jehova, le setshwantsho, le dialetare tseo a neng a di hahile thabeng ya ntlo ya Jehova le Jerusalema, mme a di lahlela kantle ho motse.


A haha dialetare le ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse, ka ho re: Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.


Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Etswe jwale ke kgethile, ke bile ke halaleditse ntlo ena, hore ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla, mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.


O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho se le seng sa tse hodimo mahodimong, leha e le sa tse tlase lefatsheng, leha e le sa tse metsing katlase ho lefatshe.


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Eitse hobane a busetse ho mmae shekele tseo tse sekete se nang le lekgolo, mmae a re: Ke kgethela Jehova ditjhelete tseo ka letsoho la ka, hore ka tsona ho etsetswe mora ka setshwantso se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng; ka ho etsa hoo, ke tla di busetsa ho wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ