Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A haha dialetare le ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse, ka ho re: Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema kamehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;


Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.


Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


Moprista Uria a haha aletare ka mokgwa wohle oo morena Akase a mo rometseng wona a le Damaseka; mme moprista Uria a e phetha, morena Akase a eso ho kgutle Damaseka.


Moprista Uria a etsa ka tsohle tseo morena Akase a mo laetseng tsona.


Akase a bokella mesebetsi ya ntlo ya Modimo, mme a robaka mesebetsi ya ntlo ya Modimo dikoto, a kwala mamati a ntlo ya Jehova, mme a iketsetsa dialetare dikoung tsohle tsa Jerusalema.


Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.


Yaba o ntsha medimo ya ditjhaba tlung ya Jehova, le setshwantsho, le dialetare tseo a neng a di hahile thabeng ya ntlo ya Jehova le Jerusalema, mme a di lahlela kantle ho motse.


Hape, a emisa setshwantsho se betlilweng, setshwantsho se entsweng ke yena, ka tlung ya Modimo, eo Modimo o neng o e boleletse Davida le Salomone, mora hae, ka ho re: Ke tla bea lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena, le motseng wa Jerusalema oo ke o kgethileng melokong yohle ya Iseraele;


Ba di nea le dibetli tsa difate le dihahi, hore di reke majwe a betlilweng, le difate tse tla kopanngwa, le ho etsa difate tsa ho fera matlo a heleditsweng ke marena a Juda.


Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Etswe jwale ke kgethile, ke bile ke halaleditse ntlo ena, hore ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla, mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ