Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba bahlanka ba hae ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Yaba bahlanka ba hae ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:24
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


A batla le yena Akasia; ba mo tshwara a ipatile Samaria, ba mo tlisa ho Jehu, mme ba mmolaya. Ba mo epela, ba re: Ke mora Josafate ya kileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae. Mme ha ho a ka ha sala le a mong wa ntlo ya Akasia ya nang le matla a ho rena.


Empa setjhaba sa naha sa bolaya ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa naha sa bea Josiase, mora hae, e be morena tulong tsa hae.


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ