Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ha a ka a ikokobetsa pela Jehova, jwalokaha ho ne ho ikokobeditse Manasse ntatae; haele yena Amone, a nna a atisa melato ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:23
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.


Manasse o ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano Jerusalema.


Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae; ha a ka a ikokobetsa pela Jeremia moporofeta eo mantswe a hae a neng a etswa molomong wa Jehova.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Empa wena, mora wa hae, Belshatsare, ha o a ka wa kokobetsa pelo ya hao, leha o tsebile taba tseo kaofela;


Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ