Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka manyala a ditjhaba tse neng di faladitswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona;


Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.


Empa ha ba ka ba utlwa, mme Manasse a ba kgelosa hore ba etse bobe, le ho fetisa ditjhaba tseo Jehova a neng a di timeditse pela bana ba Iseraele.


A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho ne ho entse Manasse, ntatae; Amone a hlabela ditshwantsho tsohle tse betlilweng, tse neng di entswe ke Manasse ntatae, mahlabelo, mme a di sebeletsa.


Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.


re boela re tlola melao ya hao jwang, le ho itswakanya le ditjhaba tseo tse manyala, ka ho nyallana le tsona? Na o ke ke wa re halefela, o be o re timetse, o se ke wa siya le masala, leha e le ya phonyohang na?


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Ke hona le tla tseba hoba ke nna Jehova, lona le sa kang la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le sa kang la etsa ka melao ya ka, le mpileng la etsa ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare.


Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a fedisa pela hao ditjhaba tseo o yang ho rua naha ya tsona, ha o se o dutse tulong tsa tsona, mme o ahile naheng ya tsona,


O se ke wa etsa Jehova, Modimo wa hao, jwalo, hobane manyala wohle ao Jehova a a hloileng, ba ditjhaba tseo ba a etseditse medimo ya bona; esita le bara ba bona le baradi ba bona, ba ne ba ba tjhesetsa medimo ya bona.


Hobane ditjhaba tseno o tla rua lefatshe la tsona, di mamela dilaodi le dinohe; empa haele wena, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a o dumella ho etsa tse jwalo.


Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ