Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele ditaba tse ding tsa Manasse, le thapelo eo a e beileng ho Modimo wa hae, le mantswe a diboni tse kileng tsa bua le yena ka taelo ya Jehova, Modimo wa Iseraele, bonang, di ngodilwe bukeng ya diketso tsa marena a Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Diketso tse ding tsa Manase, le thapelo eo a neng a rapele Modimo wa hae ka yona, le dipolelo tsa baporofeta ba neng ba romilwe ke Morena Modimo wa Iseraele, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:18
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele taba tse ding tsa Salomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Salomone na?


Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tse entsweng ke yena, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.


Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.


Jorame o ne a na le banababo, bara ba Josafate: boAsaria, le Jehiele, le Sakaria, le Asaria, le Mikaele, le Shefathia; kaofela ha bona e ne e le bara ba Josafate, morena wa Iseraele.


Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.


Mme Jehova a bua le Manasse le setjhaba sa hae, empa ha ba ka ba mo ela hloko.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.


Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ