Haele ditaba tse ding tsa Manasse, le thapelo eo a e beileng ho Modimo wa hae, le mantswe a diboni tse kileng tsa bua le yena ka taelo ya Jehova, Modimo wa Iseraele, bonang, di ngodilwe bukeng ya diketso tsa marena a Iseraele.
Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.