Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 33:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Manasse o ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 33:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mora wa hae ke Akase, mora wa hae ke Esekiase, mora wa hae ke Manasse,


Esekiase a orohela ho bontatae, mme a patwa lebitleng le kahodimo la bana ba Davida, mme Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha ho shweng ha hae; mme Manasse, mora wa hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Ke tla ba nea bahlankana ho ba marena a bona, bana ba ba buse.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Esekiase a tswala Manasse; Manasse a tswala Amone; Amone a tswala Josiase;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ