Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A ipha matla, mme a tsosa lerako lohle le dikgeo, a le phahamisetsa ho le fihlisa ditoreng, mme a haha lerako le leng kantle ho lona; hape a matlafatsa Millo motseng wa Davida, mme a etsa dibetsa tse ngata le dithebe tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.


Taba ke ena eo a kwenehetseng morena ka baka la yona: Salomone o ne a haha Millo, a thiba dikgeo tsa motse wa ntatae Davida.


Moradi wa Faro hoba a tlohe motseng wa Davida, a kena tlung ya hae eo a e hahetsweng; ke mohlang oo Millo e hahilweng.


Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.


Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Eitse hobane borena ba Roboame bo tiiswe, le yena ha a iphile matla, a furalla molao wa Jehova, le Baiseraele bohle ba etsa jwalo le bona.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a ipha matla, mme a hlaba selekane le balaodi ba makgolo, boAsaria, mora Jeroboame, le Ishmaele, mora Johanane, le Asaria, mora Obede, le Maaseia, mora Adaia, le Elishafathe, mora Sikri.


Joase, morena wa Iseraele, a tshwara Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Joakase, Bethe-Shemeshe, mme a ya le yena Jerusalema; teng a etsa sekgeo se ditswe tse makgolo a mane lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou.


Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.


Kamora tseo, a haha lerako le tsamayang kantle, ka nqa botjhabela ho motse wa Davida, ho leba Gihone, Kgohlong, le ho ya fihla monyakong wa Dihlapi; a teela Ofele hare, a e phahamisetsa hodimo haholo; mme a bea balaodi ba makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane.


Motho ya hlolwang ke ho busa pelo ya hae, ke motse o kenweng ke dira, o se nang lerako.


Eitse ha Tsedekia, morena wa Juda, le bahlabani kaofela ba ba bona, ba baleha, ba tswa motseng bosiu, ka mmila wa serapa sa morena, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, ba tswa ka tsela ya lehwatata.


Ha ba sututsane, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ba itihela hara dibetsa, mme ha ba hlajwe.


Yaba beng bohle ba Sikeme, le bohle ba ntlo ya Millo, ba phutheha, ba ya, ba bea Abimeleke morena, haufi le eike ya seemahale se Sikeme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ