Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha hla ha phutheha batho ba bangata, mme ba kata didiba tsohle le molatswana o neng a phalla hare ho naha, ba re: Na marena a Assiria, ekare a sa fihla, a ka hla a fumana metsi a mangata na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Setjhaba se sengata sa kgobokana, sa kata didiba tsohle, sa thiba le metsi a nokana e neng e haola hara naha eo, mme sa re: “Ha dikgosi tsa Asiria di fihla di se ke tsa fumana metsi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.


Ka selemo sa bone sa ho busa ha Esekiase, e leng selemo sa bosupa sa Osea, mora Ela, morena wa Iseraele, Salmanasare, morena wa Assiria, a futuhela Samaria, a o thibella.


Oho, Jehova, kannete marena a Assiria a timeditse ditjhaba le mafatshe a tsona;


Haele taba tse ding tsa Esekiase, le matla a hae wohle, le kamoo a entseng letsha le moedi kateng, a tlisa metsi motseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Ba tloha, ba tlosa dialetare tsa mahlabelo tse Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsa dibano, mme ba di lahlela molatswaneng wa Kedrone.


Kamora taba tseo, le kamora diketso tseo tsa bokgabane, ha fihla Sankeribe, morena wa Assiria; a kena naheng ya Juda, mme a thibella metse ya diqhobosheane, a re, o tla e kena.


a rera le mahosana a hae le banna ba hae ba bahale, hore ho katwe mehlodi ya didiba tse kantle ho motse, mme ba mo dumela.


Hape, Esekiase a kata mohlodi o kahodimo wa metsi a Gihone, a a tsamaisa katlase ka nqa bophirimela ho motse wa Davida. Mme Esekiase a atleha mesebetsing yohle ya hae.


Hobane o re: Matona a ka na hase marena kaofela a tsona na?


Le etsa letsha pakeng tsa marako a mabedi, ho bokella metsi a letsha la kgale; empa ha le tadime ho moetsi wa ditaba tseo, ha le lelalle ho ya di rerileng kgale.


Le lemohile hobane marako a motse wa Davida a dikgeo tse ngata, le thibetse metsi a letsha le katlase.


Ikgelle metsi, hobane o se o tla thibellwa; tiisa diqhobosehane tsa hao: kena seretseng, o dube mobu, o hahe sebopi sa ho besa makote.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ