Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:31
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.


Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.


Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.


O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho.


o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Motho ha a lekwa, a se ke a re: Ke lekwa ke Modimo. Hobane Modimo ha o lekwe ke bobe, mme ha o leke motho ka jona.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ