Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A ikgahela le metse, le ho ipatlela mehlape e mengata ya makgomo le ya manku; hobane Modimo o ne o mo file maruo a maholo haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 A ikgahela metse, a ba le mehlape e mengata ya dikgutshwane, le ya dikgomo, hobane Modimo o ne a mo file maruo a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.


A shwa a tsofetse haholo, a tletse matsatsi le maruo le kganya; mme Salomone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Jehova a tiisa mmuso letsohong la hae. Baiseraele bohle ba tlisetsa Josafate dimpho, mme a atelwa ke leruo le kganya.


Amatsia a re ho monna wa Modimo: Mme ho tla etswang ka ditalenta tseo tse lekgolo tseo ke di neileng sera sa Iseraele? Monna wa Modimo a re: Modimo o na le matla a ho o nea ho fetang hona haholo.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


A iketsetsa le mediko ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, le dijelo tsa diphoofolo tsa mefuta yohle, le masaka a mehlape ya hae.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Yaba Satane o araba Jehova, a re: Na ke feela ha Jobo a tshaba Modimo na?


Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ