Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Hesekiya o ne a ruile haholo, mme a tlotleha haholo. A haha matlo ao ka ho wona ho bolokwang silefera, le kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le dinoko, le dithebe, le dintho tsohle tseo motho a ka lakatsang ho ba le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esekiase a mamela taba tsa ba romilweng, a ba a ba bontsha ntlo ya hae yohle ya matlotlo, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole e nkgang hamonate, le ntlo ya dihlomo tsa hae, le tsohle tse ka bonwang dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba ntho eo Esekiase a sa kang a ba bontsha yona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.


A shwa a tsofetse haholo, a tletse matsatsi le maruo le kganya; mme Salomone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.


Jehova a tiisa mmuso letsohong la hae. Baiseraele bohle ba tlisetsa Josafate dimpho, mme a atelwa ke leruo le kganya.


Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.


A iketsetsa le mediko ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, le dijelo tsa diphoofolo tsa mefuta yohle, le masaka a mehlape ya hae.


Morena a etsa hore Jerusalema silefera e be jwaloka majwe, le dikedare di be jwaloka disikomora tse dithoteng, kamoo di neng di le ngata kateng.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.


Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ