Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Empa Esekiase a ikokobetsa boikakasong ba pelo ya hae, e le yena le baahi ba Jerusalema, mme kgalefo ya Jehova ha e a ka ya tla ho bona mehleng ya Esekiase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Le hoja Hesekiya a ne a ikgohomosa jwalo, o ile a ikokobetsa, yena le baahi ba Jerusalema. Ka baka lena, mehleng ya Hesekiya Modimo a se ke a ba halefela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.


Ana o bona kamoo Akabe a ikokobetsang kateng, pela ka na? Erekaha a ikokobeditse pela ka, nke ke ka hlahisa bomadimabe tshiung tsa hae; ke tla hlahisetsa ntlo ya hae bomadimabe mehleng ya mora hae.


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Eitse ha Jehova a bona hobane ba ikokobeditse, lentswe la Jehova la tlela Shemaia, la re: Ba ikokobeditse, nke ke ka ba timetsa; ke se ke tla etsa hore ba phonyohe, mme kgalefo ya ka ha e ka ke ya tshollelwa hodima Jerusalema ka Shishake;


Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.


Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo pela Modimo wa bontatae.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


Ha a ka a ikokobetsa pela Jehova, jwalokaha ho ne ho ikokobeditse Manasse ntatae; haele yena Amone, a nna a atisa melato ya hae.


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ