Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:21
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke utlwile kamoo o ithapeletseng kateng ho nna bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria.


Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.


Jehova a loela Esekiase le ba ahileng Jerusalema jwalo matsohong a Sankeribe morena wa Assiria, le matsohong a bohle, mme a ba sireletsa ka nqa tsohle.


Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?


Ke tla apesa dira tsa hae ka dihlong, moqhaka wa hae o tla kganya hloohong ya hae.


O sitsa morena wa hae ka poloko e kgolo, o etsa mohau ho motlotsuwa wa hae, ho Davida, le ho moloko wa hae ka ho sa feleng!


Dihlong tsa ka di pela mahlo a ka kamehla, maswabi a apesitse sefahleho sa ka,


O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.


Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona.


Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.


Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa?


Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Hobane o re: Matona a ka na hase marena kaofela a tsona na?


Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.


O tla leleka jwang tona leha e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa o tshepile Egepeta, hore o tla bona makoloi le bakalli teng!


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,


Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka nea ditshwantsho thoko e ntshwanelang.


O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ