Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:19
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.


empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Hobane mekgwa ya ditjhaba ke bosawana, hobane ho ye ho rengwe sefate morung, se be se sebetswe ke matsoho a mmetli ka selepe.


Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.


Hobane bana ba Iseraele le bana ba Juda ba nnile ba etsa ho leng hobe feela pontsheng ya ka, esale le botjheng ba bona, hobane bana ba Iseraele ba nnile ba mphephetsa feela ka diketso tsa matsoho a bona, ho bolela Jehova.


Morena Jehova o re: Erekaha Moabe le Seire ba itse: Bonang, ntlo ya Juda e tshwana le ditjhaba tsohle;


La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


Teng, le tla sebeletsa medimo, e leng mosebetsi wa matsoho a batho, mahong le majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ