Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A ba a ngola mangolo a hlapaolang Jehova, Modimo wa Iseraele, a mo nyefolang, a reng: Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa mafatshe a mang e sitilwe ho namolela ditjhaba tsa yona matsohong a ka, ka mokgwa o jwalo, Modimo wa Esekiase o tla sitwa ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Mangolong ao Saneheribe a neng a a ngotse, o ne a nyefotse Morena Modimo wa Iseraele, a mo hanyeditse, a itse: “Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya namolela ditjhaba tseo tsa yona matsohong a ka, le Modimo wa Hesekiya o ke ke wa namolela setjhaba sa hae matsohong a ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, le wena o utlwile seo marena a Assiria a se entseng mafatsheng wohle, ka ho a timetsa. Hleka wena o re, o tla phonyoha na?


Na o re, medimo ya ditjhaba e di namoletse, tseo bontate ba di fedisitseng, bo-Gosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene, ba leng Telasare na?


Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala. A nyolohela tlung ya Jehova, mme Esekiase a le phutholla pela Jehova.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse eng mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele.


Hobane ho nthorela ha hao, le boithoriso ba hao, bo nyolohetse tsebeng tsa ka, ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye le tomo ya ka ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.


Teng, a utlwa ha ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tlohile hae, a tle a o lwantshe. Yaba o boela a romela manqosa ho Esekiase, a re:


Haele medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di timeditseng, ke ofe ho yona o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka, haele moo le re, Modimo wa lona o na le matla a ho le namolela matsohong a ka?


Bahlanka ba hae ba eketsa ho nyefola Jehova Modimo le mohlanka wa hae Esekiase ka mantswe a bona.


Ke ha Sanballate a boela a nthomela taba eo la bohlano ka mohlanka wa hae, a tla a tshwere lengolo le phetlilweng letsohong la hae,


Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.


Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala; yaba Esekiase o nyolohela tlung ya Jehova, a le phutholla pela Jehova.


Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, ho nyefola le lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng lehodimong.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ