Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.


Morena o re: Le se ke la thetswa ke Esekiase, hobane a ke ke a le namolela matsohong a ka.


Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re: Modimo wa hao oo o o tshepileng o se ke wa o thetsa ka ho re: Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.


Na Esekiase ha a le thetse, hore a le neele ho shwa ke tlala le ke lenyora, ha a re: Jehova, Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a morena wa Assiria?


Bahlanka ba hae ba eketsa ho nyefola Jehova Modimo le mohlanka wa hae Esekiase ka mantswe a bona.


A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


Le se ke la thetswa ke Esekiase, ha a re ho lona: Jehova o tla re namolela! Hleka medimo ya ditjhaba e namoletse o mong le o mong naha ya wona matsohong a morena wa Assiria na?


La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ