Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Haele medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di timeditseng, ke ofe ho yona o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka, haele moo le re, Modimo wa lona o na le matla a ho le namolela matsohong a ka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:14
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ba a ngola mangolo a hlapaolang Jehova, Modimo wa Iseraele, a mo nyefolang, a reng: Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa mafatshe a mang e sitilwe ho namolela ditjhaba tsa yona matsohong a ka, ka mokgwa o jwalo, Modimo wa Esekiase o tla sitwa ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka.


Faro o tla re ka bana ba Iseraele: Ba lahlehile hara naha, lefeella le ba thibetse.


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


Jwalokaha letsoho la ka le ile ho fihla mebusong ya medimo, leha ditshwantsho tsa yona di ne di fetisa tsa Jerusalema le tsa Samaria,


Ha ke re, Kalno o sentswe jwaloka Karkemishe, le Hamathe jwaloka Arpade, le Samaria jwaloka Damaseka na?


Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka nea ditshwantsho thoko e ntshwanelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ