Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 32:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na hase yena Esekiase eo, ya fedisitseng dinqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae na? Na ha a ka a laela Bajuda le ba Jerusalema, a re: Le tla kgumama pela aletare e le nngwe, le tjhese dibano ho yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Na hase yena Hesekiya ya fedisitseng dibaka tsa Modimo tsa borapedi, le dialetare tsa hae, mme a ba a laela setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, a re: “Le rapelle kapele ho aletare e le nngwe, mme le tjhesetse mokubetso hodima yona?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 32:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;


Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?


A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).


Ba tloha, ba tlosa dialetare tsa mahlabelo tse Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsa dibano, mme ba di lahlela molatswaneng wa Kedrone.


Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.


Na Esekiase ha a le thetse, hore a le neele ho shwa ke tlala le ke lenyora, ha a re: Jehova, Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a morena wa Assiria?


Leha ho le jwalo, setjhaba sa nna sa hlaba mahlabelo dinqalong tse diphahameng; empa ba ne ba re, ba hlabela Jehova, Modimo wa bona.


Yaba o etsa aletare ya koporo; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse leshome.


Leha o ka re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena, na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ