Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Esekiase le mahosana ba ya bona ditha, mme ba boka Jehova le setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Bo-kgosi Hesikiya le mahosana ba fihla, mme ha ba bona diqubuqubu tsena ba rorisa Morena, ba hlohonolofatsa setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:8
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.


A ema, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele ka lentswe le phahameng, a re:


Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.


Ka kgwedi ya boraro, ba qala ho etsa ditha, mme ba qetella ka kgwedi ya bosupa.


Esekiase a botsa ditha tseo ho baprista le ho Balevi.


Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


ho lehlohonolo setjhaba seo ho leng jwalo ho sona! Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona!


Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le nkgopotse; athe le ne le fela le hopotse, empa le ne le hloka sebaka.


Mme Modimo wa ka o tla le tlatsetsa ka tsohle tseo le di hlokang, ka monono wa wona, kganyeng, ka Jesu Kreste.


Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona?


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


Pela ya ka e rata batsamaisi ba Iseraele, ba setjhaba ba dumetseng ho futuha. Bokang Jehova,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ