Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Eitse hobane taelo e tume, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tse ngata tsa koro, tsa veine e ntjha, tsa ole, tsa dinotshi, le tsa tsohle tse bewang ke masimo; ba tlisa le karolo ya leshome ya ntho tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Hoba taelo ena e anele hohle, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tsa koro, le tsa veine, le tsa ole, le tsa mahe a dinotshi, le dilopotsiya tsa tsohle tse tswang masimong. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tsa bona, mme ba di tlisa ka bongata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:5
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing leo, ha bewa bahlahlobi ho hlahloba dikamore tsa mediko ya dikabelo tse kgethilweng, le ya dilopotsiya, le ya dikarolo tsa leshome, ba tle ba bokellele teng dikabelo tse tswang metseng e kamathoko, tse newang baprista le Balevi ke molao; hobane thabo e ne e le teng Juda, kahobane baprista le Balevi ba boetse ba eme pela Modimo.


Yaba Bajuda kaofela ba boela ba tlisa karolo ya leshome ya koro le ya veine e ntjha le ya ole medikong.


ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.


O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.


O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.


O tla tlisa tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa dithakangwaha tsa masimo a hao. O se ke wa hladiya potsanyane ka lebese la mma yona.


Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;


Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.


Ke o nea le dithakangwaha tseo ba tla di hlahisetsa Jehova; tsohle tsa ole e hlwekileng ka ho fetisa, le tsohle tsa veine le tsa koro tse fetisang ka monate.


Ke re, dithakangwaha tsohle tsa tse mediswang ke lefatshe, tseo ba di tlisetsang Jehova, e tla ba tsa hao. E mong le e mong ya hlwekileng tlung ya hao o tla di ja.


Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.


Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ