Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba o laela setjhaba, e leng baahi ba Jerusalema, hore ba ntshe kabelo ya baprista le ya Balevi, hore ba bolokisise molao wa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:4
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e le hore ba abele ba ngodilweng mangolong a masika a bona e le ba batona, ho qala ka ba dilemo tse tharo le ba kapele, e leng bohle ba kenang tlung ya Jehova ka tsatsi le leng le le leng, ka mosebetsi wa tshebeletso ya dikabelo tsa bona, le ka dihlopha tsa bona;


Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.


a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.


Haele ba bara ba Levi ba amohelang boprista, ba na le molao wa ho nka karolo ya leshome ya ntho tsa setjhaba, ke ho re, tsa banababo bona, leha ba tswile le bona lethekeng la Abrahama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ