Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Haele kabelo ya morena, a e ntsha leruong la hae ho etsa ditjheso, e le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le ditjheso tsa Disabatha le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete, jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Kgosi ya fana ka seabo sa yona, se tswang mehlapeng ya yona, bakeng sa ho etsa dinyehelo; e leng nyehelo ya setjheso ya hoseng le ya mantsiboya, le bakeng sa ho etsa nyehelo ya setjheso ya Sabatha, le ya ho thwasa ha kgwedi, le ya mekete e kgethehileng, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:3
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Ka tsatsi la botshelela, le tla hlahisa dipohwana tse robileng meno e le mmedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ