Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala, o amanang le tshebeletso ya Tempele ya Modimo, le molao, le ditaelo, a batla Modimo wa hae, a sebetsa ka pelo yohle ya hae, mme kahoo a atleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:21
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


Ke hona o tla atleha, ha o iponela hore o etse ka melao le ditaelo tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Iseraele. Iphe matla, o tiye; se tshabe, mme o se ke wa tshoha.


Jwale, sekamisetsang pelo tsa lona le meya ya lona ho batla Jehova, Modimo wa lona; le eme, mme le hahe sehalalelo sa Jehova Modimo, hore le tle le tlise areka ya selekane sa Jehova le diphahlo tse kgethehileng tsa Modimo tlung e tla hahelwa lebitso la Jehova.


A haha metse ya diqhobosheane Juda; ke ha ntwa e ne e ntse e letse lefatsheng, hobane ha a ka a lwantshwa ke motho ka dilemo tseo, etswe Jehova a ne a mo neile phomolo.


A re ho Bajuda: A re haheng metse eo; re e dikadiketse ka marako, le ditora, le mamati le mekwallo; lefatshe e sa ntsane e le la rona, kahobane re batlile Jehova, Modimo wa rona; re mmatlile, mme o re neile phomolo ka nqa tsohle. Ba haha ke hona, mme ba atleha.


Ka tsatsi la bone, ba phuthehela sekgutlong sa Beraka, mme teng ba boka Jehova; ke kahoo sekgutlo seo se reilweng lebitso la Beraka (poko), le kajeno ke lona.


A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.


Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,


Mme mediko ya hao e tla tlala, e phanyaphanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.


Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Bolokang ke hona ditaba tsa selekane sena, le di etse, le tle le atlehe tabeng tsohle tseo le tla di etsa.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ