2 Dikronike 31:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE2 Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Eitse hobane ba qetelle, ba tlisetsa morena le Jehojada tjhelete tse setseng; ka tsona ha etswa mesebetsi ya ntlo ya Jehova, e leng mesebetsi ya tshebeletso le ya ho hlaba ditjheso, le mehope, le e meng mesebetsi ya kgauta le ya silefera. Mme ha nna ha hlajwa ditjheso ka tlung ya Jehova, ka tshiu tsohle tsa Jehojada.
A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.