Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 le baprista, ba ngodilweng ka matlo a bontata bona moholo, le Balevi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, ka dikabelo tsa bona le ka dihlopha tsa bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Lenane la leloko la baprista le ne le hlophisitswe ho ya kamoo malapa abo bona a ngodisitsweng kateng bukeng ya lenane la leloko. Balevi bona, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, ba ne ba hlophisitswe ho ya ka mesebetsi ya bona le dihlopha tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bona bara ba Levi ka matlo a bontata bona; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, kamoo ba kileng ba ngolwa kateng, ha ho balwa mabitso a bona ka ho ya ka dihlooho. Ba ne ba etsa mosebetsi wa tshebetso ya ntlo ya Jehova, ba qala ha ba le dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele;


Ke e nngwe ya taba tseo Davida a qeteletseng ka tsona, ha ho kile ha etswa palo ya bara ba Levi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele.


Haele bara ba bang ba Levi, dihlooho tsa bona ke tsena: Ho bara ba Amrame ke Shubaele; ho bara ba Shubaele ke Jehdia;


le ka palo ya bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona, le bara ba bona le baradi ba bona, e leng phutheho yohle; hobane ke ka baka la botshepehi ba bona ba neng ba tshwara mosebetsi wa ho aba ntho tse kgethehileng.


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


Ba bang ke ba tlohileng Thele-Mela, le Thele-Harsha, le Kerub-Addane, le Immere, ba mpa ba sitwa ho supa matlo a bontata bona le lesika la bona le pakang hore ke Baiseraele:


O ngole bara ba Levi, ka matlo a bontata bona, le ka matlo a bona. O ngole ba batona kaofela, ho qala ka ba nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo.


a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.


Haele bara ba Gershone ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


Haele ba matlo a bara ba Merari, ba ngodilweng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


Ba ngodilweng bohle ba Balevi, bao Moshe, le Aarone, le marena a Iseraele ba ba ngodileng ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,


Tse beetsweng Balevi ke tsena: Ho tloha selemong sa hae sa mashome a mabedi a metso e mehlano, le ho ya pele, Molevi e mong le e mong o tla kena tshebetsong ya tente ya pokano;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ