Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 31:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 31:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Asere: Jimna, le Jishva, le Jishvi, le Beria, le Sera, kgaitsedi ya bona. Bara ba Beria ke Hebere le Malkiele.


Dihlopha tseo tsa balebedi ba menyako, ka ho ya ka dihlooho tsa bona, tshebetso ya bona e ne e le ho lebela ntlo ya Jehova hammoho le banababo bona.


Lotho ya ntsha Shelemia ho ya monyakong o ka nqa botjhabela; mora hae, Sakaria, monna wa lekgotla, ya hlalefileng, a laolelwa ka lotho ka nqa leboya.


Ka nqa botjhabela, ho ne ho beilwe Balevi ba tsheletseng, ka nqa leboya ba le bane ka letsatsi le leng le le leng, ka nqa borwa ba le bane ka letsatsi, ba le babedi hape tlung e nngwe le e nngwe ya ho bolokela;


boJehiele, Asaria, Nahathe, Asaele, Jerimothe, Josabade, Eliele, Jismakia, Mahathe, le Benaia ba bewa bahlahlobi tsamaisong ya Konania le Shimei ngwanabo, ka taelo ya morena Esekiase le ka ya Asaria, motsamaisi wa ntlo ya Modimo.


Katlase ho yena, metseng ya baprista ho ne ho na le Edene, le Minjamine, Joshua, Shemaia, Amaria, le Shekania, ba neilwe kabelo ya botshepehi ya ho abela banababo bona, ka ho ya ka dihlopha tsa bona, e moholo le e monyenyane,


Haele bohle ba setseng ba setjhaba sa Jehova, hohle moo ba jakileng teng, ba teng ba ke ba ba thuse ka silefera, le kgauta, le mesebetsi, le dikgomo, kantle ho dimpho tse ntshetswang ntlo ya Modimo o Jerusalema ka ho rata.


Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.


le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.


Ka bea moprista Shelemia, le mongodi Tsadoke, le Pedaia wa Balevi bahlahlobi ba mediko, mme ka ba ekeletsa ka Hanane, mora Sakkure, mora Matthania; hobane e ne e le bao ekang ba ka tshepuwa, mme ba laelwa hore ba arolele banababo bona dikabelo tsa bona.


Jehova, ako amohele nyehelo ya ho rata, eo ke o beelang yona ka molomo wa ka, o nthute melao ya hao.


Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


Motho e mong le e mong wa ntlo ya Iseraele, kapa wa baditjhaba ya ahileng Iseraeleng, ya tlang ho hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho phetha kano, leha e le nyehelo ka ho ithatela,


Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.


Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang.


Ke wona mahlabelo ao le tla a hlabela Jehova meketeng ya lona, e be ditjheso tsa lona, le dinyehelo tsa lona, le ditshelo tsa lona, le mahlabelo a lona a kgotso, kantle ho a etswang bakeng sa phetho ya maikano, kapa a nyehelwang feela ka ho ithatela ha motho.


O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, mokete wa Diveke, o abele Modimo kabelo kamoo matsoho a hao a ratang ho leboha kateng, o nee ho seo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ