Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:6
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Oho, Jehova, Modimo wa bontata rona Abrahama, Isaaka le Iseraele, o nne o boloke kamehla pelong tsa setjhaba sa hao mokgwa oo wa mehopolo ya bona, mme o tiiselletse dipelo tsa bona ho wena.


Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.


Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a fela a tla ho yena, a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa.


Mangolo a romelwa dinaheng tsohle tsa morena ka dititimi, ha thwe, ho timetswe, ho bolawe, ho fediswe Bajuda bohle, ba baholo le ba banyenyane, bana le basadi, ka tsatsi le le leng, e leng letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, mme ba tlatlapuwe mesebetsi ya bona.


Dititimi tse kaletseng tse mathang e leng dimulete, tsa phakisa tsa tloha di akofisitswe ke taelo ya morena. Le Susane, motse wa moreneng, taelo eo ya laelwa.


Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Ke ana mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a kileng a le romela, a le Jerusalema, ho baholo ba setseng ho ba kgoleho, le ho baprista le ho baporofeta le ho setjhaba kaofela, bao Nebukadnesare a neng a ba tshwere Jerusalema, a ba isitse Babilona.


Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.


Iseraele, ha o ka sokolohela ho nna, ho bolela Jehova, wa boela ho nna, wa tlosa manyala a hao pela ka, ha o sa tla hlola o phaila.


Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;


Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!


O re sokollele ho wena, Jehova, etlaba, re sokolohile; o ntjhafatse ditshiu tsa rona, di be jwaloka mehleng ya pele.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Iseraele, kgutlela ho Jehova, Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Tloong, a re kgutleleng ho Jehova, hobane ke yena ya re harotseng, o tla re fodisa; o hlathile, o tla re tlamella leqeba.


Ere ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlelang ho nna, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla.


Le se ke la ba jwaloka bontata lona, bao baporofeta ba pele ba neng ba howa, ba re ho bona: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Kgutlang hle metsamaong ya lona e mebe, le diketsong tsa lona tse mpe! ... empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ