Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 mme ba rera tsena: ha thwe, tsebiso e ka kgona e fetisetswe naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beerseba ho isa Dane, ya hore setjhaba se tle Jerusalema ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane ka dilemo tse ngata tse itseng, e ne e sa ka ya etswa kamoo taba tsa yona di ngodilweng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


Ha tumiswa naheng ya Juda le Jerusalema hore ho tliswe ho Jehova lekgetho leo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a le beetse Iseraele a sa le nahathothe.


Taba eo ya loka mahlong a morena le mahlong a phutheho yohle;


Ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwaloka eo Iseraeleng, haesale mehleng ya Samuele moporofeta; mme hara marena wohle a Iseraele, ho ne ho eso ho ka ho eba le a mong ya kileng a etsa Paseka e jwaloka e entsweng ke morena Josiase, ba ena le baprista, le Balevi, le Bajuda bohle, le Iseraele, ho ena le baahi ba Jerusalema le bona.


Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:


Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:


Ke ena mekete ya Jehova, le diphutheho tse halalelang tseo le tlang ho di mema nakong ya tsona:


Ke a le boka, banabeso, kahobane le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka dithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ