Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 hobane morena le mahosana le phutheho yohle ba ne ba rerile Jerusalema morero wa ho etsa Paseka ka kgwedi ya bobedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Kgosi e ne e ile ya rerisana le mahosana wohle a yona, le setjhaba sohle se Jerusalema, ho etsa mokete wa Paseka ka kgwedi ya bobedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwalo, haesale baahlodi ba ahlolela Iseraele, le ka tshiu tsohle tsa marena a Iseraele le tsa marena a Juda.


Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona.


Yaba Esekiase o romela ho Baiseraele bohle le ho Bajuda, a ngolla le Efraime le Manasse, hore ba tle ka tlung ya Jehova, Jerusalema, ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele;


Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.


Paseka ya hlajwa ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi. Baprista le Balevi ba ne ba hlabilwe ke dihlong, mme ba be ba ikgalaleditse, ba ba ba tlisa ditjheso ka tlung ya Jehova.


Mme Josiase a etsetsa Jehova Paseka, Jerusalema; Paseka ba e hlaba ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele.


Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata.


Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.


Mohlankana ya fumanehileng, ha a hlalefile, o feta morena wa leqheku, ya lewatla, ya seng a se na ho eletswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ