Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Le hoja batho ba bangata, ba neng ba etswa morabeng wa Efraime, le wa Manase, le wa Isakare, le wa Sebulone, ba ne ba sa itlhwekisa, le bona ba eja Paseka, ho fapana le kamoo ho ngotsweng kateng. Empa Hesekiya a ba rapella, a re: “Morena ya lokileng a ke a tshwarele e mong le e mong wa bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:18
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrahama o rapela Modimo, mme Modimo wa fodisa Abimeleke, le mosadi wa hae, le makgabunyane a hae, mme ba nna ba tswala.


Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.


Taba ke ena: Ha monga ka a kena ka tlung ya Rimmone, ho kgumama teng, mme a ikokotlela ka letsoho la ka, Jehova a ntshwarele nna, ke leng mohlanka wa hao, ha ke kgumama le nna tlung ya Rimmone; ke re, ha ke kgumama tlung ya Rimmone, Jehova a ntshwarele taba ena.


Leha ho le jwalo, batho ba bang ba ha Asere le Manasse le Sabulone ba ikokobetsa, mme ba tla Jerusalema.


Phutheho yohle ya Juda, le baprista, le Balevi, ba thaba hammoho le phutheho yohle ya Baiseraele ba tlileng le baditjhaba ba tlileng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba ahile Juda.


Ba fihla ho Hilkia, moprista e moholo, ba newa ditjhelete tse neng di tlisitswe tlung ya Modimo, tseo Balevi, balebedi ba monyako, ba neng ba di amohetse ho Manasse le Efraime, le ho Baiseraele bohle ba bang, le ho Bajuda bohle le ho Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.


Mamela dikopo tsa mohanka wa hao le tsa setjhaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nqalong ena; o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o mamele, o be o tshwarele.


O molemo, o a fana; o nthute dikomelo tsa hao.


O nkelellwe ka lereko la hao ka baka la mohau wa hao, Jehova!


Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.


Hobane wena, Morena, o molemo, o mosa, o tletse lereko hobohle ba o rapelang.


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


Motho ya sa hlwekang, ha a sa itlhatswe, o tla tloswa hara phutheho, hobane o silafaditse sehalalelo sa Jehova; erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang.


mme batho bao ba re ho Moshe: Re silafetse ka baka la motho ya shweleng, mme re ka thibelwa keng ho hlahisa kabelo ya Jehova hara bana ba Iseraele ka nako e beilweng na?


Motho ka mong a ke a itekole ke hona, mme jwale e be hona a jang bohobe bona, a nwelang senwelong sena.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, mme Modimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapelwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ