Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Paseka ya hlajwa ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi. Baprista le Balevi ba ne ba hlabilwe ke dihlong, mme ba be ba ikgalaleditse, ba ba ba tlisa ditjheso ka tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.


Palo ya ditjheso tse tlisitsweng ke phutheho ya eba dikgomo tse mashome a supileng, le dipheleu tse lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi, kaofela ha tsona e le ditjheso tsa Jehova.


Feela, ho ne ho se baprista ba lekaneng, ba sitwa ke hona ho buha dithjeso tsohle; yaba banababo bona, Balevi, ba ba tlatsa, ho fihlela mosebetsi o ba o phetheha, ho fihlela le bona baprista ba ba ba ikgalaletsa, etswe Balevi ba ne ba fetisa baprista ka ho rata ho ikgalaletsa.


Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.


hobane morena le mahosana le phutheho yohle ba ne ba rerile Jerusalema morero wa ho etsa Paseka ka kgwedi ya bobedi.


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Ba ne ba sitilwe ho e etsa ka nako ya teng, hobane baprista ba halaleditsweng ba ne ba eso ho lekane, le sona setjhaba se ne se eso ho phuthehele Jerusalema.


le ka palo ya bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona, le bara ba bona le baradi ba bona, e leng phutheho yohle; hobane ke ka baka la botshepehi ba bona ba neng ba tshwara mosebetsi wa ho aba ntho tse kgethehileng.


le hlabe Paseka, le ikgalaletse, mme le e lokisetse banababo lona, ka ho ya ka lentswe la Jehova le neilweng ka Moshe.


Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, hobane baprista bohle ba neng ba le teng ba ne ba itlhwekisitse, e seng ka ho ya ka dihlopha tsa bona,


Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.


Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.


Esita le baprista ba atamelang Jehova, ba ikgalaletse le bona, esere Jehova a ba bolaya.


Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka nako ya manstiboya; ba tla e ja ka mahobe a se nang ditomoso le ka meroho e babang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ