Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Esekiase le setjhaba sohle ba thaba, ke hobane Modimo o ne o ratisitse setjhaba; etswe taba eo ya etsahala e sa ka ya rerwa.


Ha ho a ka ha eba taba, kapa bakeng sa matlotlo, eo ho kileng ha kgelohuwa ho yona taelo eo morena a neng a e laetse baprista le Balevi.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.


Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


Le tswe le tseba ditaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ