Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Esekiase o romela ho Baiseraele bohle le ho Bajuda, a ngolla le Efraime le Manasse, hore ba tle ka tlung ya Jehova, Jerusalema, ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwalo, haesale baahlodi ba ahlolela Iseraele, le ka tshiu tsohle tsa marena a Iseraele le tsa marena a Juda.


Haele baprista le Balevi ba neng ba le kahohle Iseraeleng, ba tloha naheng tsa bona, ba phuthehela ho yena.


Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona.


Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho yena, a re: Oho, morena, sera sa Iseraele se se ke sa tsamaya le wena, hobane Jehova ha a yo ho Baiseraele, ke ho re, ha a yo ho bara ba Efraime kaofela ha bona.


Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.


Esekiase le setjhaba sohle ba thaba, ke hobane Modimo o ne o ratisitse setjhaba; etswe taba eo ya etsahala e sa ka ya rerwa.


hobane morena le mahosana le phutheho yohle ba ne ba rerile Jerusalema morero wa ho etsa Paseka ka kgwedi ya bobedi.


le hlabe Paseka, le ikgalaletse, mme le e lokisetse banababo lona, ka ho ya ka lentswe la Jehova le neilweng ka Moshe.


Ke ana mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a kileng a le romela, a le Jerusalema, ho baholo ba setseng ho ba kgoleho, le ho baprista le ho baporofeta le ho setjhaba kaofela, bao Nebukadnesare a neng a ba tshwere Jerusalema, a ba isitse Babilona.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.


etswe bana ba Josefa ba ne ba balwa e le meloko e mmedi, la Manasse le la Efraime; ha ba ka ba nea Balevi kabelo lefatsheng leo, haese metse ya ho aha teng, le meraka ya dikgomo tsa bona, le ya dintho tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ