Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A ntoo etsa ntlo ya sehalaledisiso; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bo lekane le bophara ba ntlo, bophara le bona e le ditswe tse mashome a mabedi; a e maneha ka kgauta e hlwekileng ya ditalenta tse makgolo a tsheletseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 A haha Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba sona bo ne bo lekana le bophara ba Tempele, e le dimethara tse ka bang robong, le bophara ba sona e le dimethara tse ka bang robong. A se maneha kgauta e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse ka bang mashome a mabedi a motso o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 3:8
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.


O tle o bee lesira tlasa dikgoketsane, mme hona teng, kahare ho lesira, o tla kenya areka ya bopaki, lesira lena le tla le arolela sehalalelo ho sehalaledisiso.


A lekanya bolelele bo kahare, bo le tswe tse mashome a mabedi, le bophara bo le tswe tse mashome a mabedi, ka pele ho tempele; yaba o re ho nna: Hoo ke sehalaledisiso.


Ka baka leo, banabeso, erekaha re neilwe sebaka sa ho kena sehalalelong, re se na tshabo, ka madi a Jesu,


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


Empa e ne e le setshwantsho se etse ditsweng mehla ena, ha ho ne ho ntse ho hlahiswa dinyehelo le mahlabelo a sitwang ho hlatswa matswalo a ya etsang tshebe letso ya teng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ