Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A ntoo etsetsa sehalalelo meqhaka, a kgabisa le dintlha tsa ditshiya ka meqhaka, mme a etsa digaranata tse lekgolo, a di kenya ka meqhakeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 A etsa mekgabiso e jwaloka diketane, a e bea kahodimo ho ditshiya; a etsa le dikgarenate tse lekgolo, mme a di hokela mekgabisong eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 3:16
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a maneha le lebota la ntlo ka kgauta e hlwekileng; a feha lesela ka mahlaahlela a kgauta pela sehalaledisiso seo a se manehileng ka kgauta.


Dihlooho, tse ditshiyeng tse pedi di ne di na le molala wa digaranata kahodima mpa e hodima matanta, mme digaranata tse makgolo a mabedi tsa phetha molala; le hlooho e nngwe ya etswa jwalo.


Pela ntlo, a etsa ditshiya tse pedi, bolelele ba e nngwe le e nngwe e le ditswe tse mashome a mararo a metso e mehlano; hlooho tse hodima tsona, bolelele ba tsona e ne e le ditswe tse hlano.


A hloma ditshiya pela tempele, e nngwe ka ho le letona, e nngwe ka ho le letshehadi; a rea e leng ka ho le letona Jakine (o tla tiisa); e leng ka ho le letshehadi a e rea Boase (o na le matla).


e le ditshiya tse pedi, le dihlooho tse tjhitja tse pedi tse hodima ditshiya, le matanta a mabedi a sireletsang dihlooho tse tjhitja tse pedi tse dintlheng tsa ditshiya;


le digaranata tse makgolo a mane tsa matanta a mabedi, ho le mela e mmedi ya digarnata letanteng le leng le le leng, ho sireletsa dihlooho tse tjhitja tse pedi tse dintlheng tsa ditshiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ