Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Salomone o qala ho haha ntlo ya Jehova, Jerusalema, thabeng ya Moria, e neng e supiswe ntatae Davida, setsheng sona seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane Mojebuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 3:1
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona.


Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.


Yaba lengeloi la Jehova le laela Gade hore a bolelle Davida hore Davida a nyolohe, a hahele Jehova aletare seotlong sa Ornane Mojebuse.


Yaba Davida o re: Ke hona mona moo ntlo ya Jehova Modimo, ke hona mona moo aletare ya ditjheso tsa Iseraele.


Johanane a tswala Asaria, ya kileng a tshwara tshebetso ya boprista tempeleng e hahilweng Jerusalema ke Salomone;


A qala ho haha ka letsatsi la bobedi la kgwedi ya bobedi, ka selemo sa bone sa ho busa ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ