Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 A re ho bona: “Lona Balevi, mmameleng! Itlhwekiseng hona jwale, mme le hlwekise le Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata lona, le hleke ditshila tsohle sebakeng sena se halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.


Feela, ho ne ho se baprista ba lekaneng, ba sitwa ke hona ho buha dithjeso tsohle; yaba banababo bona, Balevi, ba ba tlatsa, ho fihlela mosebetsi o ba o phetheha, ho fihlela le bona baprista ba ba ba ikgalaletsa, etswe Balevi ba ne ba fetisa baprista ka ho rata ho ikgalaletsa.


A mema baprista le Balevi, a ba phuthela lepatlelong le ka nqa botjhabatsatsi;


le hlabe Paseka, le ikgalaletse, mme le e lokisetse banababo lona, ka ho ya ka lentswe la Jehova le neilweng ka Moshe.


Baprista le Balevi ba itlhwekisa, hape ba hlwekisa setjhaba le menyako le lerako.


Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.


Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.


Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.


A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ