Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Feela, ho ne ho se baprista ba lekaneng, ba sitwa ke hona ho buha dithjeso tsohle; yaba banababo bona, Balevi, ba ba tlatsa, ho fihlela mosebetsi o ba o phetheha, ho fihlela le bona baprista ba ba ba ikgalaletsa, etswe Balevi ba ne ba fetisa baprista ka ho rata ho ikgalaletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Empa baprista ba ne ba se bakae, hoo ba neng ba sitwa ho buha diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso; ka baka leo, bana babo bona, e leng Balevi, ba ba thusa ho fihlela mosebetsi o phethwa, le ho fihlela baprista ba bang ba itlhwekisitse, hobane Balevi ba ne ba tjhesehela ho itlhwekisa ho feta baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:34
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa morena Joase, baprista ba ne ba eso ho lokise dikgeo tsa ntlo.


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Dintho tse kgethetsweng Jehova ya eba dikgomo tse makgolo a tsheletseng le dinku tse dikete tse tharo.


a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.


Paseka ya hlajwa ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi. Baprista le Balevi ba ne ba hlabilwe ke dihlong, mme ba be ba ikgalaleditse, ba ba ba tlisa ditjheso ka tlung ya Jehova.


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Ba ne ba sitilwe ho e etsa ka nako ya teng, hobane baprista ba halaleditsweng ba ne ba eso ho lekane, le sona setjhaba se ne se eso ho phuthehele Jerusalema.


Ha hlajwa Paseka; baprista ba tsholla madi, mme Balevi ba nna ba buha dikonyana.


Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.


Ke hatlela matsoho a ka ho lokeng, ke pota aletare ya hao, Jehova,


Thebe ya ka e ho Modimo o lwelang ba pelo tse lokileng.


hobane kahlolo e tla kgutlela ho lokeng, mme bohle ba pelo tse lokileng ba tla ya ka hona.


Ba tla tshwara tshebeletso ya ka sehalalelong sa ka, e be balebedi ba menyako ya ntlo ya ka, le ba etsang tshebeletso ya ntlo; ba tla hlaba ditjheso le mahlabelo a setjhaba, mme ba tla ema pela bona ho ba etsetsa tsa tshebeletso ena.


Ba tla boloka seo o tla ba laela sona, le tsa tente yohle; empa ba se ke ba atamela mesebetsi ya sehalalelo, leha e le aletare, esere mohlomong ba timela, hammoho le lona.


Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang,


Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ