Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:30
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.


Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.


Phutheho yohle ya rera morero wa ho etsa mokete ka ditshiu tse ding tse supileng; mme ba o etsa ka tshiu tseo tse supileng ka thabo.


Thabo e kgolo ya eba teng Jerusalema; hobane haesale mehleng ya Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele, ho ne ho sa ka ha etswa ho hokalo Jerusalema.


Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Yaba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le ba bang ba kgutlileng kgolehong, ba etsa kgakolo ya ntlo eo ya Modimo ka thabo;


Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


hobane, mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho na le batsamaisi ba dibini le ba difela tsa ho rorisa le ho boka Modimo.


Yaba ba dumela mantswe a hae, ba bina dithoko tsa hae.


Iseraele a ke a ithabelle Mmopi wa hae; bana ba Sione a ba ke ba hlasimolohele morena wa bona!


Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!


Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


Kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang. Le thothomele pela hae, lona baahi bohle ba lefatshe!


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ